Limpho Tsa ho Fuoa Marena
“Linohe tsa linaleli tse tsoang likarolong tse ka bochabela . . . tsa bula matlotlo a tsona ’me tsa mo neha limpho, khauta le libano tse tšoeu le myra.”—Matheu 2:1, 11.
KE MPHO ea mofuta ofe eo u neng u ka e fa motho oa bohlokoa? Mehleng ea Bibele linōko tse ling e ne e le tsa bohlokoa joaloka khauta hoo li neng li ka fuoa marena e le limpho. * Ke kahoo tse ling tsa limpho tseo linohe tsa linaleli li ileng tsa li fa “morena oa Bajuda” e neng e le linōko tse monko o monate kapa libano.—Matheu 2:1, 2, 11.
Bibele e re ha mofumahali oa Sheba a etela Solomone, o ile a mo fa “litalenta tsa khauta tse lekholo le mashome a mabeli, le oli ea balsame e ngata haholo, le majoe a bohlokoa; ho ne ho e-s’o ka ho e-ba le oli ea balsame e joaloka eo mofumahali oa Sheba a ileng a e fa Morena Solomone.” * (2 Likronike 9:9) Marena a mang le ’ona a ne a ee a fe Solomone oli ea balsame e le mpho.—2 Likronike 9:23, 24.
Ke hobane’ng ha linōko tseo le lihlahisoa tsa tsona e ne e le tsa bohlokoa li bile li le theko e boima hakaale mehleng ea Bibele? Hobane li ne li sebelisetsoa merero e itseng ea bohlokoa, e kang ho etsa litlolo, litabeng tsa bolumeli le ho tlola litopo. (Sheba lebokose le reng “ Kamoo Linōko Tse Monko o Monate li Neng li Sebelisoa Kateng Mehleng ea Bibele.”) Linōko tsena li ne boetse li tura kaha ho e-na le bareki ba bangata ba li batlang ebile litšenyehelo tsa ho li lata le ho li beha ’marakeng li le boima.
HO PHOLLETSA LE LEHOATATA LA ARABIA
Mehleng ea boholo-holo, limela tse ling tse etsang linōko li ne li mela Phuleng ea Jordane. Linōko tse ling li ne li rekoa linaheng tse ling. Bibele e bua ka mefuta e sa tšoaneng ea linōko. Tse ling tsa tse neng li tloaelehile ke safrone, lekhala, balsame, sinamone, libano tse tšoeu le myra. Ho phaella moo, ho ne ho boetse ho e-na le linōko tse tšeloang lijong tse kang kumine, koena le dille.
Linōko tse ling li ne li rekoa linaheng life? Lekhala, kasia le sinamone li ne li rekoa moo kajeno e leng Chaena, India le Sri Lanka. Linōko tse kang myra le libano tse tšoeu li ne li etsoa ka lifate tse melang ka boroa ho Arabia ho ea fihla Somalia. Nareda e ne e fumanoa lithabeng tsa Himalaya tse India.
E le hore linōko tsena li e’o fihla Iseraele, li ne li lokela ho tsamaisoa ho pholletsa le Arabia. Buka e bitsoang The Book of Spices e re, ho tloha ka bo-2000 ho ea ho bo-1000 B.C.E., Arabia e ile ea e-ba “eona e li hulang pele tabeng ea ho tsamaisoa ha thepa lipakeng tsa linaha tsa Bochabela le tsa Bophirimela.” Bahoebi ba linōko ba ne ba feta le litoropong tsa boholo-holo, liqhobosheaneng hammoho le libakeng
tseo bahoebi ba neng ba khefutsa ho tsona tse Negev ka boroa ho Iseraele. Setsi se bitsoang World Heritage Centre sa UNESCO, se re libakeng tsena “ke moo ho neng ho e-na le likhoebo tse khōlō ka ho fetisisa . . . ka boroa ho Arabia ho ea fihla Mediterranean.”“Le hoja linōko li ne li le nyane li bile li le theko e phahameng, bahoebi ba ne ba li rata kaha batho ba ne ba li reka ho ntse ho le joalo.”—The Book of Spices
Bahoebi ba neng ba kakatetse linōko tsena tse monko o monate hangata ba ne ba tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse ka bang 1 800 ho pholletsa le Arabia. (Jobo 6:19) Bibele e bua ka bahoebi kapa batsamai ba Baishmaele ba neng ba nkile linōko tse kang “labdaname le balsame le makhapetla a nang le boroku ba sefate” ba tloha Gileade ba ea Egepeta. (Genese 37:25) Ke bona bahoebi bana bao bara ba Jakobo ba ileng ba ba rekisetsa ngoan’abo bona Josefa.
PINYANE EA BAHOEBI BA MAARABO
Bahoebi ba Maarabo ke bona ba ’nileng ba li hula pele khoebong ea linōko ka makholo a lilemo. Ke bona bao ka ho khetheha ba neng ba rekisa linōko tse tsoang Asia, tse kang kasia le sinamone. Maarabo a ile a hasa mashano a hore ho kotsi ho reka linōko e le hore a thibele bahoebi ba Mediterranean ho theha maqhama le bahlahisi ba linōko ba Bochabela. The Book of Spices e re e ne e le pinyane ea bahoebi ba Maarabo hore na linōko li fumanoa hokae.
Maarabo a ile a hasa mabare-bare afe? Herodotus, e leng setsebi sa histori sa Mogerike sa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., o re lipale tse ling li ne li akarelletsa tse reng linonyana tse tšosang li hahela lilomong tse telele ka makhapetla a sinamone. Kahoo, batho ba batlang makhapetla ao a etsang senōko ba lokela ho beha nama e ngata botlaaseng ba selomo. Ka meharo linonyana tseo li ne li beha nama
e ngata ka sehlaheng ebe sea oa. Batho ba ne ba thonaka makhapetla ao a sinamone kapele ebe ba a rekisetsa bahoebi. Mabare-bare ao a ile a tlala hohle. The Book of Spices e re, bahoebi ba ne ba pheta lipale tsena tse bontšang hore ho kotsi ho fumana sinamone, e le hore ba e rekise ka theko e phahameng.Qetellong, sephiri seo sa Maarabo se ile sa senoleha ’me likhoebo tsa bona tsa khoehla. Lekholong la pele la lilemo B.C.E., Alexandria, e Egepeta, e ile ea e-ba eona kou e khōlō e sebelisoang ke bahoebi ba linōko. Likepe tsa Roma li ne li tloha likoung tsa Egepeta li ea India, kaha basesisi ba ne ba ithutile hore li ka lelemela ha bonolo ha meea ea Leoatle la Indian e fokela moo li eang. Ka hona, linōko tsa boleng bo holimo li ile tsa fumaneha habonolo, le hona ka theko e tlaase.
Kajeno theko ea linōko e ke ke ea bapisoa le ea khauta. Ebile ha ho na motho ea ka fang morena senōko e le mpho. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ntse ba li sebelisa ho etsa litlolo tse nkhang hamonate, meriana le ho natefisa lijo. Le kajeno feela joaloka lilemong tse likete tse fetileng, batho ba bangata ba ntse ba rata linōko tsena ka lebaka la monko oa tsona o monate.