MOLULA-QHOOA April 2015 | Na U ka Rata ho Ithuta Bibele?

Batho ba limilione ba rua molemo lenaneong la mahala la ho ruta batho Bibele la Lipaki Tsa Jehova. Ithute kamoo le uena u ka ruang molemo kateng lithutong tseo tsa Bibele.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele?

Na u kile ua re, ‘ke phathahane,’ kapa ‘Ke tsoafa ho itlama’?

Lenaneo la ho Ithuta Bibele la Batho Bohle

Fumana likarabo tsa lipotso tse robeli tseo batho ba bangata ba ipotsang tsona ka lenaneo lena la ho ruta batho Bibele.

BIBELE E FETOLA BOPHELO

Lipotso Tse Tharo Tse Ileng Tsa Fetola Bophelo ba ka

Doris Eldred o ile a fumana likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsa bohlokoa ka bophelo a rutoa ke morutoana tlelaseng ea hae.

Ho Fumanoe Letlotlo la Mehleng ea Boholo-holo Thotobolong

Sekhechana sa Rylands sa Kosepele ea Johanne ke sona sa khale ka ho fetisisa sa Mangolo a Segerike a Bakreste se kileng sa fumanoa.

PUISANO LE MOAHISANI

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Ikhopotsa Lefu la Jesu?

Batho ba bangata ba keteka tsoalo ea Jesu ka Keresemese le tsoho ea hae ka Easter. Empa ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova tsona li ikhopotsa lefu la Jesu?

Re U Lome Tsebe?

Mosebetsi oa molaoli oa lebotho la sesole la Roma e ne e le ofe? Liipone tsa mehleng ea boholo-holo li fapana joang le tsa kajeno?

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Na batho ba sa tla ke ba phele ka lerato?

Lintho Tse Ling Tse Hlaheletseng Inthaneteng

Na Bibele e Tsoa ho Molimo?

Bangoli ba bangata ba Bibele ba bolela hore Molimo o ile a ba tataisa hore ba ngole Bibele. Hobane’ng?