Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MOQOQO LE MOAHELANI

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Ikhopotsa Lefu la Jesu?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Ikhopotsa Lefu la Jesu?

Moqoqo o latelang ke o tloaelehileng oo e mong oa Lipaki Tsa Jehova a ka bang le oona le moahelani oa hae. A re nke hore Paki e bitsoang Megan e etetse mosali ea bitsoang Shirley.

“LE ’NE LE ETSE SENA HO NKHOPOLA”

Megan: Lumela Shirley. Ke thabetse ho u bona Sehopotsong sa lefu la Jesu Kreste bekeng e fetileng. * U utloile ho le joang?

Shirley: Ke thabetse ho ba moo, empa ho na le lintho tseo ke sa li utloisisang hantle. Ke tloaetse batho ba keteka tsoalo ea Jesu ka Keresemese le tsoho ea hae ka Easter, empa ha ke e-s’o utloe ka motho ea ikhopotsang lefu la hae.

Megan: Ke ’nete hore lefatšeng ka bophara batho ba bangata ba keteka Keresemese le Easter. Empa Lipaki Tsa Jehova li lumela hore ke habohlokoa ho ikhopotsa lefu la Jesu. Ke kōpa ho u bontša mabaka ao li etsang seo ka ’ona ka metsotso e seng mekae.

Shirley: U ka tsoela pele.

Megan: Lebaka le ka sehloohong leo Lipaki Tsa Jehova li ikhopotsang lefu la Jesu ka lona ke hore o ile a laela balateli ba hae ho etsa joalo. Hlokomela se ileng sa etsahala bosiung ba pele Jesu a shoa. Na u hopola moketjana oa lijo tse khethehileng oo a ileng a o lokisetsa le balateli ba hae ba tšepahalang?

Shirley: U bolela Selallo sa Morena?

Megan: Ho joalo. Se boetse se bitsoa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Nakong eo ho neng ho jeoa lijo tseo, Jesu o ile a fa balateli ba hae litaelo tse hlakileng. Ke kōpa u bale Luka 22:19.

Shirley: E re: “Hape, a nka bohobe, a leboha, a bo qhetsola, ’me a ba fa bona, a re: ‘Sena se bolela ’mele oa ka oo ka sebele o tla fanoa molemong oa lōna. Le ’ne le etse sena ho nkhopola.’”

Megan: Kea leboha. Hlokomela litaelo tseo Jesu a ileng a ba fa tsona polelong ena ea ho qetela: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” Pele Jesu a laela balateli ba hae hore ba mo hopole, o ile a hlakisa hore na ba lokela ho hopola eng ka eena. O ile a re o tla nehelana ka bophelo ba hae molemong oa balateli ba hae. Sena se tlalehiloe ho Matheu 20:28 e reng: “Feela joalokaha mor’a motho a sa ka a tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” Ka mantsoe a mang, leo ke lona lebaka leo ka lona Lipaki Tsa Jehova li bokanang selemo le selemo ho ikhopotsa lefu la Jesu, e leng sehlabelo sa thekollo. Batho bohle ba mamelang ba tla fumana bophelo bo sa feleng ka lebaka la lefu la hae.

KE HOBANE’NG HA HO NE HO HLOKAHALA THEKOLLO?

Shirley: Ke ee ke utloe batho ba re Jesu o re shoetse e le hore re phele ka ho sa feleng. Empa, ha ke utloisise hore na seo se bolela’ng.

Megan: Hase uena feela, Shirley. Taba ea sehlabelo sa Jesu ha e bonolo. Empa ke e ’ngoe ea linnete tse khothatsang tse hlahang ka Lentsoeng la Molimo. Na re ka tsoela pele?

Shirley: E, re ka tsoela pele.

Megan: Kea leboha. Ke sa tsoa bala ka taba ea thekollo, ’me ke tla leka ho u hlalosetsa eona ka tsela e bonolo.

Shirley: Ho lokile.

Megan: E le hore re utloisise thekollo, re lokela ho qala ka ho utloisisa bothata boo Adama le Eva ba re baketseng bona ha ba etsa sebe tšimong ea Edene. Ha re bala Baroma 6:23 re ka utloisisa se amehang. Ke kōpa u e bale.

Shirley: E re: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa Rōna.”

Megan: Kea leboha. A re ke re hlahlobisise temana ena. Taba ea pele, hlokomela mantsoe a eona a qalang a reng: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” Ona ke molao o bonolo oo Molimo a ileng a o etsa tšimolohong oa hore moputso kapa kotlo ea sebe ke lefu. Ha e le hantle, tšimolohong ho ne ho se na moetsalibe. Adama le Eva ba bōpiloe ba phethahetse, kahoo bana bohle ba bona ba ka be ba hlahile ba phethahetse. Batho ba ne ba ke ke ba shoa. Adama le Eva hammoho le bana bohle ba bona ba ne ba e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng ba thabile. Empa rea tseba hore seo ha sea ka sa etsahala, na ha ho joalo?

Shirley: Ho joalo. Adama le Eva ba ile ba ja tholoana eo ba neng ba hanetsoe ho e ja.

Megan: Ke ’nete. Ka ho etsa joalo, ba ile ba ikhethela ho se mamele Molimo ’me ba etsa sebe. Ha e le hantle ba ile ba ikhethela hore e be baetsalibe. Khato eo e ile ea e-ba le liphello tse bohloko ho Adama le Eva le ho bana ba bona.

Shirley: U bolela’ng?

Megan: Mohlomong nka hlakisa taba ena ka ho etsa mohlala. Na u rata ho baka?

Shirley: E, kea rata.

Megan: A re re u na le pane e ncha e ntle. Pele u e sebelisa, e oela fatše ’me ea bothela. U nahana hore bohobe boo u bo bakileng ka pane eo bo tla ba joang? Na le bona bo ke ke ba e-ba le sebothe?

Shirley: E, bo tla ba le sona.

Megan: Ka tsela e tšoanang, ha Adama le Eva ba ikhethela ho se mamele Molimo, ho ile ha tšoana le ha ba e-na le sebothe kapa sekoli se bakoang ke sebe le ho se phethahale. Kaha e ile ea e-ba baetsalibe pele ba e-ba le bana, bana bohle ba bona ba ne ba tla hlaha e le baetsalibe. Ka Bibeleng lentsoe “sebe” ha le bolele ketso feela empa le boetse le bolela boemo boo re bo futsitseng. Phello e bile hore le hoja rōna re sa etsa phoso ebile re ne re e-s’o hlahe ha Adama le Eva ba etsa sebe, sebe sa bona se entse hore re be batho ba sa phethahalang ’me re shoe. Ho joalokaha Baroma 6:23 e bolela hore moputso oa sebe ke lefu.

Shirley: ’Na ke bona seo e le ho hloka toka. Ke hobane’ng ha batho bohle ba lokela ho utloa bohloko ka ho sa feleng ka lebaka la sebe sa Adama le Eva?

Megan: Ke ’nete hore seo se ka ’na sa bonahala e le ho hloka toka. Empa ho na le lintlha tse ling tse amehang. Molimo ea nang le toka e phethahetseng o ile a etsa qeto ea hore Adama le Eva ba shoele libe tsa bona, empa ha e le rōna re na le tšepo. Molimo o ile a lokisetsa ho re ntša bothateng bona. Ke lona lebaka leo ka lona Molimo a ileng a lokisetsa sehlabelo sa thekollo sa Jesu. A re boele re bale lengolo la Baroma 6:23. Ka mor’a mantsoe a reng “moputso oo sebe se o lefang ke lefu,” e tsoela pele e re: “Empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.” Kahoo lefu la Jesu le re pholosa sebeng le lefung. *

THEKOLLO KE MPHO EA BOHLOKOAHALI

Megan: Ke rata ho u bontša ntlha e ’ngoe e hlahang temaneng ena.

Shirley: Ke efe?

Megan: Temana ena e re: “Mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.” Joale, haeba Jesu ke eena ea ileng a utloa bohloko a ba a re shoela, ke hobane’ng ha temana ee e re thekollo ke “mpho eo Molimo a fanang ka eona”? Ke hobane’ng ha e sa re ke “mpho eo Jesu a fanang ka eona”? *

Shirley: Hmm. Ha ke tsebe.

Megan: Molimo o ile a bōpa Adama le Eva, ’me ke eena eo ba mo sitetsoeng ka ho se mamele tšimong ea Edene. E tlameha ebe o ile a utloa bohloko ha batho ba babeli bao a ba bōpileng ba mo fetohela. Empa Jehova o ile a rarolla taba ena hang-hang. * O ile a lokisetsa hore e mong oa bara ba hae ba moea a tle lefatšeng, e be motho ea phethahetseng, ’me qetellong a fane ka bophelo ba hae e le sehlabelo sa thekollo. Kahoo, ruri tokisetso ea thekollo ke mpho e tsoang ho Molimo. Ho na le tsela e ’ngoe eo ka eona thekollo e leng mpho e tsoang ho Molimo. Na u kile ua ipotsa hore na Molimo o ile a ikutloa joang ha Jesu a bolaoa?

Shirley: Che ha ke e-s’o nahane ka taba eo.

Megan: Ha ke sheba ka pel’a ntlo mona ke bona lintho tseo bana ba bapalang ka tsona. Kea kholoa u na le bana.

Shirley: E, ke na le ngoana oa ngoanana le oa moshanyana.

Megan: Joaloka motsoali, ak’u nahane hore na Jehova Molimo, e leng Ntate oa Jesu o ile a ikutloa joang ha Jesu a shoa. U nahana hore o ile a ikutloa joang ha a shebeletse Mora oa hae eo a mo ratang a tšoaroa, a songoa a bile a otloa? Ebe o ile a ikutloa joang ha Mora oa hae a khokhotheloa thupeng ’me a siuoa moo hore a shoe lefu le bohloko?

Shirley: E tlameha ebe o ile a utloa bohloko bo otlang pelo. Ua tseba ke ne ke e-s’o nahane ka taba eo!

Megan: Ka sebele ha re khone ho hlalosa hantle hore na Molimo o ile a ikutloa joang ka nako eo. Empa rea tseba hore o na le maikutlo, hape rea tseba hore na ke hobane’ng ha a ile a lumella lintho tseo kaofela hore li etsahale. Sena se hlalosoa hantle lengolong le tsebahalang la Johanne 3:16. Ke kōpa u le bale.

Shirley: Le re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”

Sehlabelo sa thekollo ke pontšo e ka sehloohong ea lerato

Megan: Kea leboha. Ke kōpa re khutlele qalong ea temana eo. E re: “Molimo o ratile lefatše.” Lerato ke lona lebaka le ka sehloohong leo ka lona Molimo a ileng a romela Mora oa hae hore a re shoele. Ka sebele thekollo ke pontšo e ka sehloohong ea lerato la Molimo. Lipaki Tsa Jehova li bokana hammoho selemo le selemo e le hore li ikhopotse letsatsi leo Jesu a ileng a shoa ka lona. Na u ruile molemo moqoqong oo?

Shirley: E, ho joalo. Kea leboha hore ebe u nthusitse ho utloisisa taba ena.

Na ho na le potso ea Bibele eo u ’nileng oa batla karabo ea eona? Na u rata ho tseba ho itseng ka tumelo ea Lipaki Tsa Jehova kapa ka tsela eo li etsang lintho ka eona? Haeba ho joalo, u se ke ua tsilatsila ho botsa Paki ea Jehova lipotso tseo. E ka thabela ho buisana le uena ka litaba tseo.

^ ser. 5 Hang ka selemo Lipaki Tsa Jehova li bokana ka letsatsi leo Jesu a shoeleng ka lona ho ikhopotsa lefu la hae la sehlabelo. Selemong sena letsatsi leo le ka Labohlano la la 3 April.

^ ser. 32 Sehlooho se hlahang tokollong e tlang se bontša kamoo sehlabelo sa Jesu se tla re lopolla sebeng, ’me se boetse se bontša seo re lokelang ho se etsa e le hore re rue molemo thekollong.

^ ser. 36 Bibele e re Molimo le Jesu ke batho ba babeli ba sa tšoaneng.