Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BABALI BA BATLA HO TSEBA  . . .

Na ho Fosahetse ho Keteka Keresemese?

Na ho Fosahetse ho Keteka Keresemese?

Keresemese e ’nile ea hlalosoa e le mokete oo ka oona Bakreste ba ketekang ho tsoaloa ha Jesu. Empa bongata ba meetlo e etsoang moketeng ona, bo etsa hore re ipotse hore na ho tlile joang hore e amahanngoe le ho tsoaloa ha Jesu.

Ntlha ea pele, batho ba lumela tšōmo ea Santa Claus. Santa, e leng rametlae oa mehleng ena ea litelu li putsoa, ea marama a mapinki, ea apereng sutu e khubelu o tsejoa e le papatso e ipetsang pele ea Keresemese e ileng ea qaptjoa ke k’hamphani ea lino-mapholi ea Amerika Leboea ka 1931. Lilemong tsa bo-1950, batho ba bang ba Brazil ba ile ba leka ho nkela Santa Claus sebaka ka monna e mong ea tsejoang haholo lipaleng tsa moo, ea bitsoang Grandpa Indian. Phello e bile efe? Moprofesa Carlos E. Fantinati o re batho ba bangata ba ile ba rata Santa Claus ho feta Grandpa Indian esita le ho feta “ngoana Jesu ’me ea e-ba eena ea emelang mokete oa la 25 December.” Empa na bothata ba Keresemese bo bakoa feela ke litšōmo tse kang ea Santa Claus? Hore re fumane karabo, a re ke re khutlele qalong ea Bokreste.

Encyclopedia Britannica e bolela hore “lilemo tse makholo a mabeli ka mor’a ho qaleha ha Bokreste, ho ne ho e-na le khanyetso e matla mabapi le ho hlompha matsatsi a tsoalo a bashoela-tumelo, esita le la Jesu.” Hobane’ng? Hobane Bakreste ba ne ba talima mekete ea tsoalo e le moetlo oa bohetene, e leng ntho eo ba neng ba lokela ho e qoba kahohle-hohle. Ha e le hantle, ha ho na moo letsatsi la tsoalo la Jesu le hlahang teng ka Bibeleng.

Ho sa tsotellehe tsela eo Bakreste ba pele ba neng ba nyatsa moetlo oa ho keteka matsatsi a tsoalo ka eona, lilemong tsa bo-300 Kereke e K’hatholike e ile ea theha mokete oa Keresemese. E ne e batla hore e ratoe ke batho ba bangata ka hore e tlose e ’ngoe ea litšitiso tse ka sehloohong, e leng bolumeli ba Roma ba bohetene hammoho le mekete ea bona ea ha letsatsi le kena tlung mariha. Buka e bitsoang Christmas in America, e ngotsoeng ke Penne L. Restad e bolela hore selemo ka seng, ho tloha ka la 17 December ho fihlela ka la 1 January, “Baroma ba bangata ba ne ba keteka, ba bapala, ba ikhotsofatsa, ba etsa mekoloko ba bile ba etsa mekete e meng, e le ho hlompha melimo ea bona.” Ka la 25 December, Baroma ba ne ba keteka ho tsoaloa ha Letsatsi le sa Hlōloeng. Ka hore kereke e behe mokete oa Keresemese letsatsing leo, e ile ea qekisa Baroma ba bangata hore ba keteke letsatsi la ho tsoaloa ha Jesu ho e-na le hore ba keteke la ho tsoaloa ha letsatsi. Ho latela buka ea Santa Claus, a Biography, e ngotsoeng ke Gerry Bowler, Baroma “ba ne ba ntse ba thabela ho etsa lintho tse amanang le mekete ena e etsoang har’a mariha.” Ha e le hantle, ba ile “ba tsoela pele ho keteka mekete e mecha ba latela mekhoa ea mekete ea khale.”

Ho hlakile hore bothata bo ka sehloohong ka mokete oa Keresemese ke hore o simolohile mekhoeng e silafetseng. Bukeng ea hae e bitsoang The Battle for Christmas, Stephen Nissenbaum o hlalosa hore Keresemese “ke mokete oa bohetene oo ho etsoang eka ke oa Bokreste.” Kahoo, mokete oa Keresemese o hlompholla Molimo le Mora oa hae Jesu Kreste. Na see ke taba e sa reng letho? Bibele e re: “Ho loka le tlōlo ea molao li na le setsoalle sefe? Kapa leseli le na le karolo efe le lefifi?” (2 Bakorinthe 6:14) Joaloka sefate se sothehileng se seng se hōlile, mokete oa Keresemese o fosahetse hoo ‘o ke keng oa otlolloa.’—Moeklesia 1:15.