Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Tla Ithuta

Ke Tla Ithuta

Daonlouda:

  1. 1. Ke na le lipelaelo tse ngata tse sa feleng.

    Ke ne ke batla ho botsa batsoali ba ka

    Empa ke tšaba.

    Ke ikemiselitse hore ke ithute.

    Ke tla hlahloba Mangolo ka hloko,

    Ke ikholise.

    (K’HORASE)

    Ke tla’i thuta, ke be matla.

    Ke tla rapela Jehova.

    Ke mo kope a mphe matla.

    Tumelo ea ka e se ke ea fokola.

    Ke tla’i thuta

    Ka Jehova,

    Ke be matla.

  2. 2. Lefatšeng Satane o khelosa batho ka mashano.

    Nke ke ka lebala lithuto tsa ’nete,

    Ke tšepa Jehova.

    Ha ke batle ho khelosoa le ho thetsoa.

    Boprofeta boa phethahala.

    Ha ke belaele!

    (K’HORASE)

    Ke tla’i thuta, ke be matla.

    Ke tla rapela Jehova.

    Ke mo kope a mphe matla.

    Tumelo ea ka e se ke ea fokola.

    Ke tla’i thuta

    Ka Jehova,

    Ke be matla.

    (BOROKHO)

    Ha ke bala Bibele, ke ba matla

    Le ha ke utloa pina e monate.

    Lintho tsena kaofela lia nkhothatsa.

    Ke tla ithuta.

    (K’HORASE)

    Ke tla’i thuta, ke be matla.

    Ke tla rapela Jehova.

    Ke mo kope a mphe matla

    Ha ke belaele, o tla mpha seo ke se hlokang.

    Ke tla’i thuta

    Ka Jehova,

    Ke be matla.

    Ke tla’i thuta

    Ka Jehova,

    Ke be matla.