Fetela boitsebisong

LA 3 DECEMBER, 2012
Armenia

Armenia e Laeloa ho Lefa Lipaki Tsa Jehova Tse 17 Litšenyehelo Tsa Nyeoe

Armenia e Laeloa ho Lefa Lipaki Tsa Jehova Tse 17 Litšenyehelo Tsa Nyeoe

STRASBOURG, Fora—Ka la 27 November 2012, Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le ile la liha kahlolo ea hore ’muso oa Armenia o lokela ho lefa batho ba 17 ba ileng ba hana ho kena sesoleng ka lebaka la bolumeli, lieuro tse 112 000 (lidolara tse 145 226) hobane o ile oa ba senya lebitso le ho hatakela litokelo tsa bona.

Ka 2005, bahlankana ba 17 ba Lipaki Tsa Jehova ba ile ba etsa mosebetsi o mong oa sechaba o sa amaneng le sesole. Leha ho le joalo, ha ba elelloa hore mosebetsi oo o ne o laoloa le ho hlokomeloa ke sesole, ba ne ba ke ke ba hlola ba sebetsa ka matsoalo a khutsitseng, kahoo ba ile ba khaotsa ho sebetsa. Ba ile ba tšoaroa ka mor’a moo ’me ba ahloloa. Ba bang ba ile ba tšoaroa ka likhoeli tse ’maloa pele ho nyeoe ea bona, ’me ba 11 ba qetella ba ahloletsoe ho hlola lilemo tse peli chankaneng ba bang ho hlola tse tharo.

Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho, le ile la re liqoso tseo tsa tlōlo ea molao le ho tšoaroa ha bahlankana bao ho ne ho se molaong hobane ka 2005, ho ne ho se na molao Armenia o reng ke tlōlo ea molao ho tlohela ho etsa mosebetsi oa sechaba o sa amaneng le sesole. Lekhotla le ile la qeta ka hore Armenia e hataketse litokelo tsa Lipaki tsa ho ba le bolokolohi le tšireletseho tse sireletsoang ke Molao oa 5 oa Tumellano ea Linaha Tsa Europe ea Litokelo Tsa Botho. Le hoja hamorao ’muso o ile oa nyahlatsa liqoso tsa tlōlo ea malao khahlanong le bahlankana bao ba 17, Armenia e ile ea hana ho ba lefa ka lebaka la ho ba qosa le ho ba tšoara ntle ho molao. Kahoo, Lekhotla le ile la laela Armenia hore e ba lefe chelete ea ho ba senya lebitso le ea litšenyehelo tsa bona tse amanang le nyeoe.

Kahlolo ena e ile ea lihuoa kapele ka mor’a hore Lekhotla la Europe le lihe likahlolo ka makhetlo a mararo khahlanong le Armenia tse mabapi le ho se nke lehlakore. Linyeoeng tseo tse ’nè, ba boholong Armenia ba ile ba tšoara hampe Lipaki Tsa Jehova tse neng li hana ho kena sesoleng ka lebaka la bolumeli ’me ba li tšoara ka leeme joalokaha eka ke batlōli ba molao ba kotsi.

André Carbonneau, ea neng a buella bara bao babo rōna o re: “Kahlolo e ileng ea lihuoa ke Lekhotla la Europe e thusa ho lokisa leeme leo Lipaki tsena tsa Jehova li ileng tsa tšoaroa ka lona. Linyeoe tsena tse hlōtsoeng khahlanong le Armenia Lekhotleng la Europe, li ruta linaha tse ling tse tlas’a Lekhotla lena hammoho le linaha tse ling tse kang Eritrea, Korea Boroa le tse Asia Bohareng ka litokelo tsa Lipaki Tsa Jehova tsa ho hana ho kena sesoleng ka lebaka la bolumeli ba tsona.”

Raliphatlalatso:

David Semonian, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000

Armenia: Tigran Harutyunyan, tel. +374 93 900 482